7. Setjhaba sa sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba boneng mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a ileng a e etsetsa Baiseraele.
8. Jwale Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a ena le dilemo tse lekgolo le leshome.
9. Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, e leng Timina-Herese, naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.
10. Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.
11. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.
12. Ba furalla Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba ntsha naheng ya Egepeta, ba latela medimo e meng, medimo ya ditjhaba tse ba potapotileng, ba e kgumamela, mme ba halefisa Morena.
13. Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote.
14. Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.
15. Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo.
16. Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang.
17. Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.
18. E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.
19. Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.
20. Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,