4. Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.
5. Sebaka seo ba se rea lebitso la Bokime, ba etsetsa Morena mahlabelo hona moo.
6. Ha Joshua a se a qhadile setjhaba, motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele a boela naheng eo a e jeleng lefa, a dula ho yona.
7. Setjhaba sa sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba boneng mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a ileng a e etsetsa Baiseraele.
8. Jwale Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a ena le dilemo tse lekgolo le leshome.
9. Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, e leng Timina-Herese, naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.
10. Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.
11. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.
12. Ba furalla Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba ntsha naheng ya Egepeta, ba latela medimo e meng, medimo ya ditjhaba tse ba potapotileng, ba e kgumamela, mme ba halefisa Morena.
13. Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote.
14. Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.
15. Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo.
16. Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang.
17. Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.