21. le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.
22. Hona ke hore ke leke Baiseraele ka tsona, ke bone hore na ba tla boloka tsela ya Morena jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba e boloka, ba tsamaya ka yona, kapa tjhe.”
23. Yaba Morena o tlohela ditjhaba tseo hore di sale, a se ke a potlakela ho di leleka, mme a se ke a neelana ka tsona matsohong a Joshua.