19. Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.
20. Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,
21. le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.