1. Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: <Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.
2. Feela lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena, le heletse dialetare tsa bona.> Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka. Jwale le entse eng?
3. Ka baka leo, ke re: <Nke ke ka ba leleka kapele ho lona; e tla ba leraba ho lona, medimo ya bona e be sefi ho lona.> ”
4. Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.
5. Sebaka seo ba se rea lebitso la Bokime, ba etsetsa Morena mahlabelo hona moo.
6. Ha Joshua a se a qhadile setjhaba, motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele a boela naheng eo a e jeleng lefa, a dula ho yona.
7. Setjhaba sa sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba boneng mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a ileng a e etsetsa Baiseraele.
8. Jwale Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a ena le dilemo tse lekgolo le leshome.
9. Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, e leng Timina-Herese, naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.
10. Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.
11. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.
12. Ba furalla Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba ntsha naheng ya Egepeta, ba latela medimo e meng, medimo ya ditjhaba tse ba potapotileng, ba e kgumamela, mme ba halefisa Morena.
13. Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote.