Baahlodi 19:5-18 BIBELE (SSO89SO)

5. Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.”

6. Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”

7. Monna eo a ema, a re o a tsamaya, empa mohwe wa hae a mo qophella, a ba a robaletsa moo hape.

8. Ka letsatsi la bohlano a tsoha ka madungwadungwana, a re o a tsamaya. Ntata ngwanana a re ho yena: “Ako je pele, ke a o rapela, o dule mona ho fihlela letsatsi le sekama.” Bobedi ba bona ba eja.

9. Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”

10. Empa monna eo a hana ho hlola bosiu boo, a ema, a tsamaya, a ba a fihla haufi le Jebuse, e leng Jerusalema. O ne a ena le ditonki tse pedi, tse qhanehilweng, a bile a ena le mosadi wa hae wa lefielo.

11. Ha ba fihla Jebuse letsatsi le ne le se le ile, mme mohlanka a re ho monga hae: “Tloo, ke a o rapela: Re ke re fapohele motseng ona wa Bajebuse, re robaletse teng.”

12. Monga hae a re ho yena: “Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla fetela Gibea.”

13. A re ho mohlanka wa hae: “Tloo, re ye ho se seng sa dibaka tsena; re tla robaletsa Gibea kapa Rama.”

14. Ba tswela pele leetong la bona, mme letsatsi la ba dikella ha ba le pela Gibea, eo e neng e le ya morabe wa Benjamine.

15. Ba kgelohela teng, ho ya robaletsa Gibea. Ha a kena a itulela fatshe, lebaleng la motse oo, empa ha se ke ha eba le motho ya ba amohelang tlung ya hae hore ba robaletse.

16. Ka phirimana ha tla monnamoholo a etswa mosebetsing wa hae masimong. Monna eo o ne a etswa naheng e maralla ya Efraime, a jakile Gibea, empa batho ba moo e ne e le ba morabe wa Benjamine.

17. Eitse ha a phahamisa mahlo, a bona monna wa motsamai a le lebaleng la motse, mme monnamoholo a re: “O ya kae? O tswa kae?”

18. Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.

Baahlodi 19