24. Bonang, moradi wa ka wa morwetsana ke enwa, le mosadi wa lefielo wa monna enwa; ke tla ba ntshetsa kantle hona jwale, le ba silafatse, le etse seo le ratang ho se etsa ka bona, empa ho monna enwa le se ke la etsa ntho e hlabisang dihlong ena.”
25. Ha banna bao ba sa mo mamele, monna eo a tshwara mosadi wa lefielo wa monna wa moeti, a mo ntshetsa kantle, ho banna bao, seterateng, ba mmeta, ba mo robala bosiu bohle, ho fihlela mesong. Ha mafube a qala ho hlaha, ba mo tlohela, a tsamaya.
26. Ha letsatsi le tjhaba, mosadi a fihla a wela monyakong wa ntlo ya monna eo, moo monga hae a neng a le hona teng, ho fihlela bo esa.
27. Monga hae a tsoha hoseng, a bula mamati a ntlo. Ha a etswa, a re o a tsamaya, a bona mosadi, e leng mosadi wa hae wa lefielo, a tjapaletse fatshe pela monyako wa ntlo, matsoho a hae a itshwareletse koseneng ya ntlo.
28. A re ho yena: “Ema, re tsamaye!” Empa ha ho ya ileng a araba. Yaba monna eo o a ema, o belesa mosadi hodima tonki, o ya hahabo.
29. Ha a fihla ka tlung ya hae, a nka thipa, a tshwara setopo sa mosadi wa hae wa lefielo, a se nonyolla manonyeletso, a se etsa dikotwana tse leshome le metso e mmedi, yaba o di romela dinaheng tsohle tsa Baiseraele.