Baahlodi 19:22-30 BIBELE (SSO89SO)

22. Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”

23. Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!

24. Bonang, moradi wa ka wa morwetsana ke enwa, le mosadi wa lefielo wa monna enwa; ke tla ba ntshetsa kantle hona jwale, le ba silafatse, le etse seo le ratang ho se etsa ka bona, empa ho monna enwa le se ke la etsa ntho e hlabisang dihlong ena.”

25. Ha banna bao ba sa mo mamele, monna eo a tshwara mosadi wa lefielo wa monna wa moeti, a mo ntshetsa kantle, ho banna bao, seterateng, ba mmeta, ba mo robala bosiu bohle, ho fihlela mesong. Ha mafube a qala ho hlaha, ba mo tlohela, a tsamaya.

26. Ha letsatsi le tjhaba, mosadi a fihla a wela monyakong wa ntlo ya monna eo, moo monga hae a neng a le hona teng, ho fihlela bo esa.

27. Monga hae a tsoha hoseng, a bula mamati a ntlo. Ha a etswa, a re o a tsamaya, a bona mosadi, e leng mosadi wa hae wa lefielo, a tjapaletse fatshe pela monyako wa ntlo, matsoho a hae a itshwareletse koseneng ya ntlo.

28. A re ho yena: “Ema, re tsamaye!” Empa ha ho ya ileng a araba. Yaba monna eo o a ema, o belesa mosadi hodima tonki, o ya hahabo.

29. Ha a fihla ka tlung ya hae, a nka thipa, a tshwara setopo sa mosadi wa hae wa lefielo, a se nonyolla manonyeletso, a se etsa dikotwana tse leshome le metso e mmedi, yaba o di romela dinaheng tsohle tsa Baiseraele.

30. Ha eba jwalo, hoo bohle ba boneng ba ileng ba re: “Ketso e tjena ha e eso ka e etsahala, kapa e bonwa, ho tloha mohla letsatsi leo bana ba Iseraele ba neng ba nyoloha Egepeta ka lona, ho fihlela kajeno! E nahaneng, le ikeletse, le bue.”

Baahlodi 19