12. Monga hae a re ho yena: “Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla fetela Gibea.”
13. A re ho mohlanka wa hae: “Tloo, re ye ho se seng sa dibaka tsena; re tla robaletsa Gibea kapa Rama.”
14. Ba tswela pele leetong la bona, mme letsatsi la ba dikella ha ba le pela Gibea, eo e neng e le ya morabe wa Benjamine.
15. Ba kgelohela teng, ho ya robaletsa Gibea. Ha a kena a itulela fatshe, lebaleng la motse oo, empa ha se ke ha eba le motho ya ba amohelang tlung ya hae hore ba robaletse.
16. Ka phirimana ha tla monnamoholo a etswa mosebetsing wa hae masimong. Monna eo o ne a etswa naheng e maralla ya Efraime, a jakile Gibea, empa batho ba moo e ne e le ba morabe wa Benjamine.
17. Eitse ha a phahamisa mahlo, a bona monna wa motsamai a le lebaleng la motse, mme monnamoholo a re: “O ya kae? O tswa kae?”
18. Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.
19. Feela re na le setoroi le dijo tsa ditonki tsa rona. Ke bile ke na le mofao wa bohobe le veine, e leng wa ka le wa lekgabunyane la ka, le wa mohlankana ya nang le bahlanka ba hao. Ha re hloke letho.”
20. Monnamoholo a re: “Kgotso e be le wena; tsohle tseo o di hlokang di tla tswa ho nna, feela o se ke wa robala lebaleng mona.”
21. Yaba o mo isa ka tlung ya hae, o fepa ditonki; ba hlatswa maoto a bona, ba eja, ba enwa.
22. Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”
23. Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!
24. Bonang, moradi wa ka wa morwetsana ke enwa, le mosadi wa lefielo wa monna enwa; ke tla ba ntshetsa kantle hona jwale, le ba silafatse, le etse seo le ratang ho se etsa ka bona, empa ho monna enwa le se ke la etsa ntho e hlabisang dihlong ena.”
25. Ha banna bao ba sa mo mamele, monna eo a tshwara mosadi wa lefielo wa monna wa moeti, a mo ntshetsa kantle, ho banna bao, seterateng, ba mmeta, ba mo robala bosiu bohle, ho fihlela mesong. Ha mafube a qala ho hlaha, ba mo tlohela, a tsamaya.
26. Ha letsatsi le tjhaba, mosadi a fihla a wela monyakong wa ntlo ya monna eo, moo monga hae a neng a le hona teng, ho fihlela bo esa.
27. Monga hae a tsoha hoseng, a bula mamati a ntlo. Ha a etswa, a re o a tsamaya, a bona mosadi, e leng mosadi wa hae wa lefielo, a tjapaletse fatshe pela monyako wa ntlo, matsoho a hae a itshwareletse koseneng ya ntlo.