Baahlodi 19:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.

2. Mosadi eo wa hae wa lefielo a mo qaka ka ho iphetola seotswa. A mo tlohela, a kgutlela tlung ya ntatae, Betlelehema e Juda, a dula teng nako ya kgwedi tse nne.

3. Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.

4. Mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana eo, a mo tshwarella, a ba a hlola le yena matsatsi a mararo. Yaba ba a ja, ba a nwa, ba robaletsa moo.

5. Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.”

6. Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”

7. Monna eo a ema, a re o a tsamaya, empa mohwe wa hae a mo qophella, a ba a robaletsa moo hape.

Baahlodi 19