1. Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.
2. Mosadi eo wa hae wa lefielo a mo qaka ka ho iphetola seotswa. A mo tlohela, a kgutlela tlung ya ntatae, Betlelehema e Juda, a dula teng nako ya kgwedi tse nne.
3. Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.
4. Mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana eo, a mo tshwarella, a ba a hlola le yena matsatsi a mararo. Yaba ba a ja, ba a nwa, ba robaletsa moo.
5. Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.”
6. Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”
7. Monna eo a ema, a re o a tsamaya, empa mohwe wa hae a mo qophella, a ba a robaletsa moo hape.
8. Ka letsatsi la bohlano a tsoha ka madungwadungwana, a re o a tsamaya. Ntata ngwanana a re ho yena: “Ako je pele, ke a o rapela, o dule mona ho fihlela letsatsi le sekama.” Bobedi ba bona ba eja.
9. Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”
10. Empa monna eo a hana ho hlola bosiu boo, a ema, a tsamaya, a ba a fihla haufi le Jebuse, e leng Jerusalema. O ne a ena le ditonki tse pedi, tse qhanehilweng, a bile a ena le mosadi wa hae wa lefielo.
11. Ha ba fihla Jebuse letsatsi le ne le se le ile, mme mohlanka a re ho monga hae: “Tloo, ke a o rapela: Re ke re fapohele motseng ona wa Bajebuse, re robaletse teng.”
12. Monga hae a re ho yena: “Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla fetela Gibea.”