9. Ba re ho bona: “Emang! A re ba futuheleng, hobane re bone naha, mme re fumane e le ntle haholo. Le sa emetseng? Le se ke la tswafa ho ya kena le hapa naha eo.
10. Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.”
11. Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.
12. Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.
13. Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika.
14. Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”
15. Ba kgelohela teng, ba fihla tlung ya mohlankana wa Molevi, e leng ntlo ya Mmika. Ba mmotsa bophelo.
16. Ha e le banna ba makgolo a tsheletseng ba morabe wa bana ba Dane, ba hlometseng, ba ema kgorong ya motse.
17. Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.
18. Ha banna bana ba kena ka tlung ya Mmika, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng, moprista a re ho bona: “Le etsang?”
19. Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”
20. Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo.
21. Yaba ba a reteleha, ba kena tseleng. Ba eteletsa bana, le dikgomo, le thepa kapele.