20. Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo.
21. Yaba ba a reteleha, ba kena tseleng. Ba eteletsa bana, le dikgomo, le thepa kapele.
22. Ha ba se ba le hole le ntlo ya Mmika, banna ba neng ba le ka matlung a haufi le ntlo ya Mmika, ba phutheha, ba sala bana ba Dane morao, ba ba ba fihla ho bona.
23. Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: βO batlang, ha o bokantse batho tjee?β
24. Mmika a re ho bona: βLe nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?β