Baahlodi 18:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi. Ka yona nako eo, ba morabe wa Dane ba batla lefa la naha eo ba ka ahang ho yona, hobane ho fihlela ka nako eo, e ne e le bona feela, hara merabe ya Baiseraele, ba neng ba eso ka ba abelwa lefa.

2. Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.”Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.

3. Ha ba ntse ba le tlung eo ya Mmika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi, ba fapohela teng, ba re ho yena: “O tlisitswe ke mang moo? O etsang moo? O batlang moo?”

4. A re ho bona: “Mmika o nkentse tjena: O nkgirile, mme ke moprista wa hae.”

5. Ba re ho yena: “Ako kope keletso ho Modimo, re a o rapela, e le hore re tle re tsebe hore na leeto leo re leng ho lona le tla atleha na.”

6. Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.”

7. Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.

8. Ha ba fihla ho bana babo bona ba Sora le Eshetaole, bana bao babo bona ba re ho bona: “Le reng?”

9. Ba re ho bona: “Emang! A re ba futuheleng, hobane re bone naha, mme re fumane e le ntle haholo. Le sa emetseng? Le se ke la tswafa ho ya kena le hapa naha eo.

10. Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.”

11. Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.

12. Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.

13. Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika.

14. Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”

15. Ba kgelohela teng, ba fihla tlung ya mohlankana wa Molevi, e leng ntlo ya Mmika. Ba mmotsa bophelo.

16. Ha e le banna ba makgolo a tsheletseng ba morabe wa bana ba Dane, ba hlometseng, ba ema kgorong ya motse.

Baahlodi 18