4. Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika.
5. Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.
6. Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi; motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse.
7. Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.
8. Monna eo a tloha motseng oo wa Betlelehema e Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang tjako teng. Ha a ntse a tsamaya jwalo, a fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika.
9. Mmika a re ho yena: “O tswa kae?”Monna eo a re ho yena: “Ke Molevi wa Betlelehema e Juda, mme ke ilo jaka moo nka fumanang tjako teng.”
10. Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.
11. Molevi a kgotsofalla ho dula ha Mmika, mme mohlankana enwa a ba jwaloka e mong wa bara ba Mmika.
12. Mmika a hlomamisa Molevi; mohlankana enwa ya eba moprista wa hae, mme a phela tlung ya Mmika.
13. Yaba Mmika o re: “Jwale ke a tseba hore Morena o tla nkatlehisa, hobane ke na le moprista wa Molevi.”