Baahlodi 16:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Delila a re ho Samosone: “Ke a o kopa: Ako mpolelle hore na matla ana a hao a maholo hakana a tswa kae, le hore na o ka tlangwa ka eng ho o fokodisa!”

7. Samosone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dikgwele tsa seqha tse supileng, tse ntjha, tsa lesika le eso ka le omiswa, ke tla fokola, ke tshwane le monna e mong le e mong.”

8. Mahosana a Bafilesita a tlisetsa Delila dikgwele tse supileng tsa seqha, tse ntjha, tse sa omiswang, yaba o mo tlama ka tsona.

9. Delila o ne a ena le banna ba laletseng ka kamoreng e kahare. A re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Yaba Samosone o kgaola dikgwele tsa seqha jwalokaha kgwele ya motsitla e kgaoha ha e angwa ke mollo. Yaba sephiri sa matla a hae se ntse se sa tsejwe.

10. Delila a re ho Samosone: “Bona mona, o mphoqile, mme o mpoleletse leshano. Jwale ako mpolelle hle: Ke eng eo o ka tlangwang ka yona?”

11. Samosone a re ho Delila: “Ha fela ba ka ntlama ka mehala e metjha, e eso ka e sebediswa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

12. Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, yaba o re ho yena: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Banna ba laletseng ba ne ba le ka kamoreng e nngwe. Samosone a kgaola mehala e matsohong a hae jwalokaha eka ke kgwele feela.

13. Delila a re ho Samosone: “Le ho fihlela jwale o sa mphoqile, mme o sa mpoleletse leshano. Ako mpolelle hore na ke eng eo o ka tlangwang ka yona!”Samosone a re ho yena: “Ha o ka loha dithapo tse supileng tsa moriri wa ka, wa di thata ka kgwele e lohang, yaba o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

14. Delila a mo koietsa, a kgaleha. Yaba o thata dithapo tsa moriri wa hae ka kgwele, o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, o re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama, mme a pshemola thakgisa, a lokolla le kgwele.

15. Yaba Delila o re ho yena: “O ka re o nthata jwang, empa pelo ya hao e se ho nna? O mphoqile ka makgetlo ana a mararo, mme ha o eso ka o mpolella hore na matla ana a hao a maholo a tswa kae.”

Baahlodi 16