Baahlodi 16:26-31 BIBELE (SSO89SO)

26. Samosone a re ho moshanyana ya neng a mo tataisa: “Ako ntumelle ke tshware ditshiya tse pedi tse tsheheditseng ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.”

27. Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala.

28. Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”

29. Samosone a itshwarella ka matla ditshiyeng tse pedi tse bohareng ba ntlo, tse tsheheditseng ntlo. A itshetleha ka tsona, letsoho la hae le letona le tshwere e nngwe, le le letshehadi le tshwere e nngwe.

30. Yaba Samosone o re: “A nke ke shwe, mmoho le Bafilesita!” A hofola ka matla a hae wohle, mme ntlo ya wela hodima mahosana, le hodima setjhaba sohle se neng se le kahara yona. Bao a ileng a ba bolaya ha a eshwa ba ne ba feta bao a ileng a ba bolaya ha a sa ntsane a phela.

31. Bana babo le bohle ba ntlo yabo, ba theoha, ba fihla ba mo nka, ba mo nyolla, ba mo epela pakeng tsa Sora le Eshetaole, moo ntatae Manowa a ileng a epelwa teng. Samosone e ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.

Baahlodi 16