Baahlodi 16:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.

22. Kamora hoba hlooho ya hae e beolwe, moriri wa hae wa qala ho mela hape.

23. Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”

24. Ha setjhaba se bona Samosone sa boka modimo wa sona, sa re: “Modimo wa rona o neelane ka sera sa rona matsohong a rona, e leng mosenyi wa naha ya rona, ya ileng a bolaya batho ba rona ba bangata.”

25. Yare ha ba se ba nyakaletse ba re: “Tlisang Samosone, a tlo re bapalla.” Ba tlisa Samosone a etswa tjhankaneng, mme a bapalla moo ba ntseng ba mo shebile. Ba mmea pakeng tsa ditshiya tse pedi.

26. Samosone a re ho moshanyana ya neng a mo tataisa: “Ako ntumelle ke tshware ditshiya tse pedi tse tsheheditseng ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.”

27. Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala.

28. Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”

Baahlodi 16