19. Delila a sika Samosone, a mo robatsa. Yaba o bitsa monna e mong, mme eo a beola dithapo tse supileng tsa moriri o hloohong ya Samosone. Jwale Delila a qala ho hlokofatsa Samosone, hobane o ne a feletswe ke matla.
20. Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!”Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse.
21. Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.
22. Kamora hoba hlooho ya hae e beolwe, moriri wa hae wa qala ho mela hape.
23. Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”
24. Ha setjhaba se bona Samosone sa boka modimo wa sona, sa re: “Modimo wa rona o neelane ka sera sa rona matsohong a rona, e leng mosenyi wa naha ya rona, ya ileng a bolaya batho ba rona ba bangata.”
25. Yare ha ba se ba nyakaletse ba re: “Tlisang Samosone, a tlo re bapalla.” Ba tlisa Samosone a etswa tjhankaneng, mme a bapalla moo ba ntseng ba mo shebile. Ba mmea pakeng tsa ditshiya tse pedi.
26. Samosone a re ho moshanyana ya neng a mo tataisa: “Ako ntumelle ke tshware ditshiya tse pedi tse tsheheditseng ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.”
27. Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala.
28. Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”
29. Samosone a itshwarella ka matla ditshiyeng tse pedi tse bohareng ba ntlo, tse tsheheditseng ntlo. A itshetleha ka tsona, letsoho la hae le letona le tshwere e nngwe, le le letshehadi le tshwere e nngwe.
30. Yaba Samosone o re: “A nke ke shwe, mmoho le Bafilesita!” A hofola ka matla a hae wohle, mme ntlo ya wela hodima mahosana, le hodima setjhaba sohle se neng se le kahara yona. Bao a ileng a ba bolaya ha a eshwa ba ne ba feta bao a ileng a ba bolaya ha a sa ntsane a phela.