Baahlodi 16:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Delila a re ho Samosone: “Bona mona, o mphoqile, mme o mpoleletse leshano. Jwale ako mpolelle hle: Ke eng eo o ka tlangwang ka yona?”

11. Samosone a re ho Delila: “Ha fela ba ka ntlama ka mehala e metjha, e eso ka e sebediswa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

12. Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, yaba o re ho yena: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Banna ba laletseng ba ne ba le ka kamoreng e nngwe. Samosone a kgaola mehala e matsohong a hae jwalokaha eka ke kgwele feela.

13. Delila a re ho Samosone: “Le ho fihlela jwale o sa mphoqile, mme o sa mpoleletse leshano. Ako mpolelle hore na ke eng eo o ka tlangwang ka yona!”Samosone a re ho yena: “Ha o ka loha dithapo tse supileng tsa moriri wa ka, wa di thata ka kgwele e lohang, yaba o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

14. Delila a mo koietsa, a kgaleha. Yaba o thata dithapo tsa moriri wa hae ka kgwele, o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, o re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama, mme a pshemola thakgisa, a lokolla le kgwele.

15. Yaba Delila o re ho yena: “O ka re o nthata jwang, empa pelo ya hao e se ho nna? O mphoqile ka makgetlo ana a mararo, mme ha o eso ka o mpolella hore na matla ana a hao a maholo a tswa kae.”

16. Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.

17. Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

18. Ha Delila a bona hore o mmoleletse nnete yohle, a romela maqosa ho bitsa mahosana a Bafilesita, a re: “Kajeno tloong, hobane o mpoleletse nnete.” Jwale mahosana a Bafilesita a tla ho yena, a nkile tjhelete.

Baahlodi 16