Baahlodi 16:1-2 BIBELE (SSO89SO)

1. Samosone a ya Gasa. Ha a le hona teng a bona mosadi wa seotswa, mme a kena dikobong tsa hae.

2. Ha tsebiswa baahi ba Gasa, ha thwe: “Samosone o tlile kwano.” Ba etsetsa ntlo eo a leng ka ho yona sakanalankope, mme ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse. Ba kgutsa bosiu bohle, ba re: “Re tla mo emela ho fihlela bosiu bo esa, ebe re a mmolaya.”

Baahlodi 16