7. Samosone a re ho bona: “Le etsa tjee! Ruri nke ke ka le tlohela ho fihlela ke ipheteditse!”
8. A ba tsoboka, a ba etsa mofela. A theoha moo, a ya phela lehaheng le lefikeng la Etame.
9. Jwale Bafilesita ba nyoloha, ba hloma naheng ya Juda, ba futuhela motse wa Lehi.
10. Banna ba Juda ba re ho bona: “Ke hobaneng ha le tlile kwano ho re futuhela?”Bafilesita ba re: “Re tlile kwano ho tla tshwara Samosone, re mo etse seo a re entseng sona.”
11. Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?”Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.”
12. Ba re ho yena: “Re theohetse kwano ho tla o tlama, re neelana ka wena matsohong a Bafilesita.”Samosone a re ho bona: “Ntlhapanyetseng hore lona le ke ke la mpolaya.”
13. Ba bua ho yena, ba re: “Tjhe! Feela re tla o tlama ka thata, re neelane ke wena matsohong a bona, empa ruri re ke ke ra o bolaya.” Ba mo tlama ka mehala e mmedi, e metjha, mme ba nyoloha le yena ho tloha lehaheng.
14. Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae.
15. A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.
16. Yaba Samosone o re:“Ka mohlaare wa tonkike ba entse diqubuqubu,ka mohlaare wa tonkike bolaile banna ba le sekete.”
17. Ha a qetile ho bua a lahla mohlaare oo, sebaka seo a se rea lebitso la Leralla la Mohlaare.