Baahlodi 14 BIBELE (SSO89SO)

Lenyalo la Samosone

1. Samosone a theohela Timina, mme ha a le hona teng a kgahlwa ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita.

2. A nyolohela ha habo, mme a bolella batswadi ba hae, a re: “Ke kgahlilwe ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita, mane Timina. Ka baka leo, nqelleng yena hore e be mosadi wa ka.”

3. Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?”Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”

4. Empa batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore hona ho tswa ho Modimo, hobane a ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilesita. Ka yona nako eo Bafilesita ba ne ba busa Baiseraele.

5. Jwale Samosone a theohela Timina a ena le batswadi ba hae. Ha ba fihla masimong a morara a Timina, tawana ya purumela Samosone.

6. Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.

7. A theohela Timina, a buisana le morwetsana eo, mme morwetsana eo a kgahla Samosone haholo.

8. Kamora matsatsi a se makae, a kgutlela hape ho ya mo nyala. A kgelohela kathoko ho ya bona sefifi sa tawana, mme a fumana dinotshi di hahetse ka sefifing seo, di behetse mahe.

9. A ntshetsa dinotshi tseo ka matsoho, a tswela pele, a tsamaya a ntse a eja. Yaba o kgutlela ho batswadi ba hae, a fihla a ba fa mahe a dinotshi, mme ba eja. Empa a se ke a ba bolella hore o ntsheditse mahe ana a dinotshi ka sefifing sa tawana.

10. Ntatae a theohela habo morwetsana, mme Samosone a etsa mokete teng, hobane hona e ne e le tlwaelo ya bahlankana.

11. Ha Bafilesita ba mmona, ba romela bahlankana ba mashome a mararo ho ya hlola le yena.

12. Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.

13. Empa haeba le hlolwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona ba tla nnea dihempe tse mashome a mararo, tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.”Yaba ba re ho yena: “Re lothe, re ke re utlwe!”

14. A ba lotha, a re:“Dijewang di tswile ka ho maja,dimonate di tswile ka ho ya matla.”Ba hlolwa ho hlalosa selotho ka matsatsi a mararo.

15. Ka letsatsi la bosupa ba re ho mosadi wa Samosone: “Qeka monna wa hao hore a re hlalosetse selotho sena, esere ra o tjheseletsa ka tlung ya ntatao. Na le re memetse ho tla re futsanehisa? Ha ho jwalo?”

16. Mosadi wa Samosone a itshela ka dikgapha, a re ho yena: “Ruri o ntlhoile, ha o nthate. O lothile baheso, empa ha o eso ntlhalosetse selotho seo.”Yaba Samosone o re ho yena: “Bona mona, esita le batswadi ba ka ha ke a ka ka ba bolella. Jwale wena o re ke o bolelle?”

17. A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.

18. Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena:“Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe?Ho matla ho feta tau ke hofe?”Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!”

19. Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo.

20. Yaba mosadi wa Samosone o newa molekane wa Samosone, eo e neng e le moetsana wa hae.