6. Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae.
7. O ile a re ho nna: <Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa nwa veine, kapa seno se tahang, mme o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng, hobane ho tloha popelong, ho fihlela a eshwa, ngwana eo e tla ba mokgethwa wa Modimo.> ”
8. Jwale Manowa a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, moromuwa wa Modimo, eo o ileng wa mo roma, a ke a tle ho rona hape, ke a o kopa, a tlo re ruta seo re tla se etsa ho ngwana ya tla tswalwa.”
9. Modimo a mamela kopo ya Manowa, mme lengeloi la Morena la boela la fihla ho mosadi a ntse a dutse hara tshimo, empa Manowa, monna wa hae, o ne a le siyo moo ho mosadi.
10. Mosadi a matha ka potlako, a ya bolella monna wa hae, a re ho yena: “Hela, monna yane ya ileng a fihla ho nna ka tsatsi lane, o boetse o itlhahisitse ho nna hape.”
11. Manowa a ema, a latela mosadi wa hae; a fihla ho monna eo, mme a re ho yena: “Na ke wena monna ya ileng a bua le mosadi eo?”Yaba monna eo o re: “Ke nna.”
12. Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”