Baahlodi 13:2-7 BIBELE (SSO89SO)

2. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.

3. Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana.

4. Ka baka leo, hlokomela hle, o se ke wa ba wa nwa veine, kapa seno se tahang; o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng.

5. Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.”

6. Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae.

7. O ile a re ho nna: <Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa nwa veine, kapa seno se tahang, mme o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng, hobane ho tloha popelong, ho fihlela a eshwa, ngwana eo e tla ba mokgethwa wa Modimo.> ”

Baahlodi 13