15. Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.”
16. Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena.
17. Manowa a boela a re ho lengeloi la Morena: “Lebitso la hao o mang, e le hore ha dipolelo tsa hao di phethahala re tle re o tlotle?”
18. Yaba lengeloi la Morena le re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpotsa lebitso la ka, empa lebitso la ka e le sephiri?”
19. Yaba Manowa o nka potsanyane, le nyehelo ya dijo, mme o nyehella Morena ka tsona hodima lefika. Ha bo-Manowa le mosadi wa hae ba shebeletse, Morena a etsa ntho e hlollang,
20. lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho.
21. Empa lengeloi la Morena la se ke la hlola le itlhahisa ho Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hore efela e ne e le lengeloi la Morena.
22. Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”
23. Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.”
24. Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa.