Baahlodi 12:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”

6. ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

7. Jafeta ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta wa Mogileade o a shwa, mme a epelwa ho o mong wa metse ya Gileade.

8. Kamora Jafeta, Ibesane wa Betlelehema ya eba moahlodi wa Baiseraele.

9. Ibesane o ne a ena le bara ba mashome a mararo le baradi ba mashome a mararo. Baradi ba hae ba mashome a mararo ba nyalwa ke ba morabe osele, le yena a nyadisa bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo ba morabe osele. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse supileng.

10. Ibesane a shwa, mme a epelwa Betlelehema.

11. Kamora Ibesane moahlodi ya eba Elone, wa morabe wa Sebulone; a ahlolela Baiseraele ka dilemo tse leshome.

12. Yaba Elone wa morabe wa Sebulone o a shwa, mme a epelwa Aiyalone e naheng ya Sebulone.

13. Kamora Elone, Abadone, mora wa Hilele, wa Mopiratone, ya eba yena moahlodi wa Baiseraele.

14. O ne a ena le bara ba mashome a mane, le ditloholo tse mashome a mararo, mme ba ne ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a supileng. Abadone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse robedi.

15. Yaba Abadone, mora wa Hilele wa Mopiratone, o a shwa. A epelwa Piratone e naheng e maralla ya Efraime, naheng ya Baamaleke.

Baahlodi 12