Baahlodi 12:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Banna ba Efraime ba kopana hammoho, ba tshelela Safone, ba re ho Jafeta: “Ke hobaneng o ileng wa futuhela Baamone, mme wa se ke wa re mema ho ya le wena? Re tla o tjheseletsa ka tlung ya hao.”

2. Jafeta a re ho bona: “Nna le setjhaba sa ka, re ile ra ba le qabang e kgolo le Baamone. Ke ile ka le mema, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona.

3. E ile yare ha ke bona hore ha le mphallele, yaba ke a itela, ke tshelela ho Baamone, mme Morena a neelana ka bona matsohong a ka. Jwale ke hobaneng ha le mphutuhela kajeno?”

4. Jafeta a kgobokanya banna bohle ba Gileade, a lwantsha ba morabe wa Efraime. Banna ba Gileade ba hlola ba morabe wa Efraime, hobane bano ba ne ba re: “Lona, Bagileade, le babalehi ba tswang morabeng wa Efraime, le morabeng wa Manase.”

5. Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”

6. ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

7. Jafeta ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta wa Mogileade o a shwa, mme a epelwa ho o mong wa metse ya Gileade.

8. Kamora Jafeta, Ibesane wa Betlelehema ya eba moahlodi wa Baiseraele.

Baahlodi 12