Baahlodi 11:26-36 BIBELE (SSO89SO)

26. Ke dilemo tse makgolo a mararo Baiseraele ba ahile Heshebone le metsaneng ya yona, le Arowere le metsaneng ya yona, le metseng yohle e lebopong la Arenone. Ke hobaneng le sa kang la re amoha yona ka nako ee kaofela?

27. Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”

28. Empa kgosi ya Baamone ya se ke ya natsa molaetsa oo Jafeta a o rometseng ho yona.

29. Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone.

30. Jafeta a etsetsa Morena kano, a re: “Haeba ruri o ka neelana ka Baamone matsohong a ka,

31. etlare ha ke kgutla ke hlotse Baamone, mang kapa mang ya tla tswa tlung ya ka ho nkgahlanyetsa, e tla ba wa Morena, mme ke tla etsa nyehelo ya setjheso ka yena.”

32. Yaba Jafeta o tshelela ho Baamone ho ba lwantsha, mme Morena a neelana ka bona matsohong a hae.

33. Jafeta a ba etsa mofela ho tloha Arowere, ho ya fihla Minite. A timetsa metse e mashome a mabedi, ho ya fihla Abele-Keramime, a ba rinya haholo. Ka mokgwa o jwalo bana ba Amone ba hlolwa ke bana ba Iseraele.

34. Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.

35. Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”

36. Moradi wa hae a re ho yena: “Ntate, o etseditse Morena kano; etsa seo o ileng wa re o tla se etsa ka nna, hobane Morena o o pheteleditse ho dira tsa hao, e leng Baamone.”

Baahlodi 11