1. Jafeta wa Mogileade e ne e le mohlabani ya matla. E ne e le mora wa seotswa, ya tswetsweng ke Gileade.
2. Mosadi wa Gileade a mo tswalla bara. Yare ha bara ba mosadi eo wa hae ba se ba hodile ba leleka Jafeta, ba re ho yena: “O ke ke wa ja lefa la ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.”
3. Jafeta a baleha, a tloha ho bana babo, a ya aha naheng ya Tobe. Ha a le moo a bokanya banna ba dinokwane, mme ba tsamaya le yena.
4. Kamora nakwana Baamone ba futuhela Baiseraele.
5. E ile yare ha hona ho etsahala, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.
6. Ba re ho yena: “Tloo, o tlo ba molaodi wa rona, e le hore re tle re lwantshe Baamone.”
7. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Ha ke re le ne le ntlhoile, mme la nteleka tlung ya ntate? Jwale le tlelang ho nna ha le le tsietsing?”
8. Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke ka baka leo re tlileng ho wena jwale, hore o ye le rona, o yo lwantsha Baamone, mme o tla ba moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”
9. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le nkgutlisetsa haeso hore ke yo lwantsha Baamone, mme eba Morena o neelana ka bona ho nna, na ke tla ba moetapele wa lona?”
10. Baholo ba Gileade ba arabela Jafeta, ba re: “Morena ke paki ya rona; re tla etsa jwalokaha o bolela.”
11. Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona.
12. Jafeta a romela maqosa ho kgosi ya Baamone, a re ho yona: “O ntsekisang ha e le moo o tlile ho tla ntwantsha naheng ya ka?”
13. Yaba kgosi ya Baamone e re ho maqosa a Jafeta: “Ke hobane Baiseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta, ba ne ba hape naha ya ka ho tloha Arenone, ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla Jorodane; ka baka leo, nkgutlisetse naha eo ka kgotso.”
14. Jafeta a boela a roma maqosa ao ho kgosi ya Baamone,
15. a re ho yona: “Jafeta o bua tjena: Baiseraele ha ba a ka ba hapa naha ya Moabe, kapa naha ya Baamone.