Baahlodi 10:2-10 BIBELE (SSO89SO)

2. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro. Yaba o a shwa, mme a epelwa Shamire.

3. Kamora Tola ha hlaha Jaire wa Mogileade. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

4. O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire.

5. Jaire a shwa, mme a epelwa Kamone.

6. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.

7. Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.

8. Ka sona selemo seo, bao ba ba hatella, mme ba robokela bana ba Iseraele. Ka dilemo tse leshome le metso e robedi, ba hatella bana bohle ba Iseraele ba neng ba phela kamose wane ho Jorodane, naheng ya Baamore, e Gileade.

9. Baamone ba tshela Jorodane ho ya lwantsha le Juda, le Benjamine, le ba ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo.

10. Jwale bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Re o sitetswe, hobane re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse bo-Baale.”

Baahlodi 10