Baahlodi 10:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora lefu la Abimeleke, ha hlaha Tola, mora wa Pua, setloholo sa Dodo, monna wa leloko la Isakare, a namolela Baiseraele. Tola o ne a ahile Shamire, naheng e maralla ya Efraime.

2. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro. Yaba o a shwa, mme a epelwa Shamire.

3. Kamora Tola ha hlaha Jaire wa Mogileade. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

4. O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire.

5. Jaire a shwa, mme a epelwa Kamone.

6. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.

7. Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.

8. Ka sona selemo seo, bao ba ba hatella, mme ba robokela bana ba Iseraele. Ka dilemo tse leshome le metso e robedi, ba hatella bana bohle ba Iseraele ba neng ba phela kamose wane ho Jorodane, naheng ya Baamore, e Gileade.

Baahlodi 10