Baahlodi 1:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. Empa Adoni-Beseke a baleha. Ba mo phaladisa, ba mo tshwara, ba mo kgaola menwana e metona ya matsoho le ya maoto.

7. Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.

8. Bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.

9. Kamora moo, bana ba Juda ba theoha ho ya lwantsha Bakanana, e leng baahi ba naha e maralla, le ya Negebe, le e diphuleng.

10. Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.

11. Ho tloha moo ba futuhela baahi ba Debiri. Pele ho mona lebitso la Debiri e ne e le Kiriate-Sefere.

12. Yaba Kalebe o re: “Ya ka futuhelang Kiriate-Sefere, a e hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”

13. Jwale Oteniele, mora wa Kenase, moena Kalebe, a e hapa, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Akasa, hore e be mosadi wa hae.

14. Yare ha Akasa a fihla ho Oteniele, a mo pheella hore a kope mohwe wa hae, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”

15. Akasa a re ho yena: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako nnee le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le didiba tse tlase.

16. Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.

17. Ba morabe wa Juda ba tsamaya le bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone, ba hlola Bakanana, e leng baahi ba Sefate, ba ba timetsa ho hang. Motse oo ba o rea lebitso la Horema.

Baahlodi 1