Baahlodi 1:27-36 BIBELE (SSO89SO)

27. Ba morabe wa Manase ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Sheane le ba metsana ya yona, le ba Taanake le ba metsana ya yona, le ba Dore le ba metsana ya yona, le ba Jibeleame le ba metsana ya yona, le ba Megido le ba metsana ya yona. Bakanana ba tsitlella ho aha naheng eo.

28. Empa yare ha Baiseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba, feela ba se ke ba ba leleka ho hang.

29. Ba morabe wa Efraime le bona ba se ke ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere, mme Bakanana bao ba nna ba aha hara bona, Gesere.

30. Ba morabe wa Sebulone ba se ke ba leleka baahi ba Kiterone, le baahi ba Nahalole. Bakanana ba aha hara bona, mme ya eba makgoba.

31. Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.

32. Baashere ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha, hobane ha ba a ka ba ba leleka.

33. Ba morabe wa Nafthali le bona ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Shemeshe, le baahi ba Bete-Anate; ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha. Baahi ba Bete-Shemeshe le baahi ba Bete-Anate ya eba makgoba a bona.

34. Baamore ba sutuletsa bana ba Dane naheng e maralla, ba ba hanela ho theohela kgohlong.

35. Baamore ba tsitlella ho aha thabeng ya Herese, le Aiyalone le Shaalebime, empa ba ntlo ya Josefa ba ba hlola, mme ya eba makgoba a bona.

36. Moedi wa Baamore o ne o tloha moepeng wa Akarabime, o tloha Sela, o nyolosa.

Baahlodi 1