15. Akasa a re ho yena: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako nnee le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le didiba tse tlase.
16. Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.
17. Ba morabe wa Juda ba tsamaya le bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone, ba hlola Bakanana, e leng baahi ba Sefate, ba ba timetsa ho hang. Motse oo ba o rea lebitso la Horema.
18. Ba morabe wa Juda ba hapa le motse wa Gasa mmoho le naha ya wona, le motse wa Ashekelone mmoho le naha ya wona, le motse wa Ekerone mmoho le naha ya wona.
19. Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe.
20. Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake.
21. Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
22. Ba ntlo ya Josefa le bona ba futuhela motse wa Bethele, mme Morena a nna a ba le bona.
23. Ba ntlo ya Josefa ba romela dihlwela ho ya hlwela motse wa Bethele. Pele lebitso la motse ona e ne e le Lose.
24. Dihlwela tsa bona monna a etswa motseng, mme tsa re ho yena: “Ako re bontshe tsela e kenang ka motseng, re tla o hauhela.”
25. Monna eo a di bontsha tsela e kenang ka motseng, tsa kena, tsa bolaya baahi ba motse oo ka sabole, empa ha e le monna eo le ba lelapa la hae tsa mo tlohela a ikela.
26. Monna eo a ya naheng ya Bahete, a haha motse, a o bitsa Lose, mme leo ke lebitso la wona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
27. Ba morabe wa Manase ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Sheane le ba metsana ya yona, le ba Taanake le ba metsana ya yona, le ba Dore le ba metsana ya yona, le ba Jibeleame le ba metsana ya yona, le ba Megido le ba metsana ya yona. Bakanana ba tsitlella ho aha naheng eo.
28. Empa yare ha Baiseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba, feela ba se ke ba ba leleka ho hang.
29. Ba morabe wa Efraime le bona ba se ke ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere, mme Bakanana bao ba nna ba aha hara bona, Gesere.
30. Ba morabe wa Sebulone ba se ke ba leleka baahi ba Kiterone, le baahi ba Nahalole. Bakanana ba aha hara bona, mme ya eba makgoba.
31. Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.
32. Baashere ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha, hobane ha ba a ka ba ba leleka.