8. “Ruri Morena wa mabothoo tadimile mmuso ona o kgopo.Ke tla o timetsahodima lefatshe lohle,empa ntlo ya Judanke ke ka e timetsa kaofela,”ho rialo Morena.
9. “Nna ke tla fela ke etse taelo,ntlo ya Iseraele ke e hlokole,ke e hlokole hara ditjhaba tsohle,ke e hlokolesa koro e hlokolwa ka sefe,empa ho se thollo le e nngwee welang fatshe.
10. Baetsadibe bohle ba setjhaba sa kaba tla bolawa, ba bolawe ka sabole,ho bolawe le bohlebohle ba reng:<Koduwa e ke ke be ya re kgaoletsa,e ke ke be ya re wela hodimo.> ”
11. “Mohlang ooke tla tsosa ntlo ya Davida,ntlo e seng e wele.Dikgeo tsa marako a yonake tla di thiba,dithako tsa yonale tsona ke di tsose,ke e hahe,e ntjhafale sa mohla monene;
12. e le hore ba tle ba ruemasalla a Edomo,le baditjhaba bohleba bitswang ka lebitso la ka,”ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.
13. “Matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ya kotulang a tla siuwa,ya kotulang a siuwe ke ya lemang;ya jalang le yena o tla siuwa,a siuwe ke ya tlhotlang morara.Veine e ntjha e tla kolla dithabeng,e phalle e kopotsa maralleng wohle.
14. Ke tla kgutlisatjhaba sa ka sa Iseraele,ke kgutlisetjhaba sa ka bothopuweng;se tla tsosa metse e se e le masupi,se e tsose, se phele ho yona.Se tla lema dirapa tsa morara,se di leme, se nwe veine ya wona;se tla lema dirapa,se je tholwana tsa tsona.
15. Ke tla tsitsisa Baiseraelenaheng ya bona,ke ba tsitsise,ba se hlole ba tloswa,naheng eo ke ba abetseng yona,”ho rialo Morena Modimo wa lona.