12. e le hore ba tle ba ruemasalla a Edomo,le baditjhaba bohleba bitswang ka lebitso la ka,”ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.
13. “Matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ya kotulang a tla siuwa,ya kotulang a siuwe ke ya lemang;ya jalang le yena o tla siuwa,a siuwe ke ya tlhotlang morara.Veine e ntjha e tla kolla dithabeng,e phalle e kopotsa maralleng wohle.
14. Ke tla kgutlisatjhaba sa ka sa Iseraele,ke kgutlisetjhaba sa ka bothopuweng;se tla tsosa metse e se e le masupi,se e tsose, se phele ho yona.Se tla lema dirapa tsa morara,se di leme, se nwe veine ya wona;se tla lema dirapa,se je tholwana tsa tsona.
15. Ke tla tsitsisa Baiseraelenaheng ya bona,ke ba tsitsise,ba se hlole ba tloswa,naheng eo ke ba abetseng yona,”ho rialo Morena Modimo wa lona.