Amose 8:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. “Mohlang oo,”ho rialo Morena Modimo,“Ke tla diketsa letsatsihara mpa motsheare,fifi le kwahele lefatshemotsheare o moholo.

10. Mekete ya lona e kgethehilengke tla e fetola,ke e fetole, ke e etse ya bofifi,le dipina tsa lona tsohlee be kodi-ya-malla.Bohle ke tla ba apesa,ke ba apese tse mahwashe,ke ba kute, ke ba beole lekorana.Nako eo e tla ka ya ho lla,ho llela mora ya inotshi,qetello ya yonae ke tsatsi la mahlomola.

11. “Matsatsi a a tla,”ho rialo Morena Modimo,“ao ka wona ke tla dihelanaha ena sekoboto,e seng sekobotosa ho hloka dijo feela,leha e le lenyorala ho nyorelwa metsi;e tla ba sa ho hlolohelwalentswe la Morena,empa lentswe leoha ba ka ke ba le utlwa.

12. Batho ba tla lelerale mawatle wohle,ba phaqoleho tloha leboya ho ya botjhabela,ba ntse ba batla lentswe la Morena,empa ha ba ka ke ba le fumana.

13. “Mohla tsatsi leo,pabala tsa barwetsanale tsa bahlankana,di tla akgeha, di akgehiswe ke lenyora.

14. Ba hlapanyangka medingwana ya Samaria,kapa ba reng:<Ka modimo wa hao, ya phelang,wena Dane,>kapa ba reng:<Ka modimo ya phelang,modimo wa Beeresheba,>ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”

Amose 8