Amose 8:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Lona ba hatakelang bahloki,utlwang mona!Lona ba timetsang mafutsana,mafutsana a naha ena.

5. Le ntse le re:“Kgwedi e ntjhae tla ya neneng fifing,re tswe re rekisa mabele a rona?Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng,re tswe re bapatsa ka koro ya rona?Re ntse re fokotsa tekanyore nyolla theko,re qhekella barekika dikala tsa rona tse sa nepahalang?

6. Re reka mafutsana ka silefera,re ananya mohloki ka meqathatso,re rekisa koro le ditlhoka tsa yona?”

7. Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona.

8. “Na naha yohleha e na ho thothomela,le bohle ba ahileng ho yonaba bokolle?Naha yohle e tla kokomoha,e kokomohe jwaloka Nile,e be e nne e hlokolehe,e nto bohlelajwaloka noka ya Egepeta.

9. “Mohlang oo,”ho rialo Morena Modimo,“Ke tla diketsa letsatsihara mpa motsheare,fifi le kwahele lefatshemotsheare o moholo.

Amose 8