1. Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.
2. A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?”Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.”Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
3. Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!”
4. Lona ba hatakelang bahloki,utlwang mona!Lona ba timetsang mafutsana,mafutsana a naha ena.