Amose 6:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. Veine ya lonale e nwa ka mopotjwana,le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa,empa ha le lleleho timetswa ha Josefa.

7. Kahoo ke lona ba peleba tla thopuwa,mekete ya lona ya dijo e tla fela.

8. Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re:“Ke nyonya boikakaso ba Jakobo,ke hloile matlo a bokwele a hae;ke tla neelana ka motse ona,ke neelane ka tsohle tse ho wona.”

9. Haeba ho ka sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa.

10. Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.”

11. Morena ke yena ya laelang:Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka,e nyenyane le yona a e thuake.

12. Na dipere di ka matha mafikeng?Na pholo di ka lema lewatleng?Empa lona toka le e fetotse tjhefo,tholwana ya ho lokala e fetola leshokgwa.

13. Lona ba thabelang Lo-Dabare,lona le re:“Na ha re a ikgapela Karanaime,ra ikgapela yona ka matla a rona?”

14. Morena Modimo wa mabotho o re:“Lona Baiseraele,ke tla le phepheletsa setjhaba,se le hatelleho tloha Kgalong la Hamate,se le hatelleho ya fihla Kgohlong ya Araba.”

Amose 6