1. Lona ba iketlileng le le Sionele madimabe,le lona ba tshabetsengthabeng tsa Samaria;lona baetapeleba tjhaba se kapele ho tse ding,bao ntlo ya Iseraelee phallelang ho bona!
2. Eyang motseng wa Kalenele yo bona;le tlohe moo,le fetele Hamate e kgolo,le nto theohela motsengwa Bafilesita wa Gate!Na mebuso eo le e feta ka letho?Na naha ya yona e kgoloho feta ya lona?
3. Ha le dumelehore tsatsi la koduwa le haufi,empa ketso tsa lona di a le atametsa,di atametsa puso e sehloho!
4. Le paqamamealong e kgabisitsweng,e kgabisitsweng ka manaka a tlou;le kakalla tulong tsa lona,tulong tse butshabutsha,le ja nama ya dikonyana e bonojwana,le je le ya manamane a nontshitsweng.
5. Le letsa harepa tsa lonajwaloka Davida,pina tsa diletsa le di qapele seemeng.
6. Veine ya lonale e nwa ka mopotjwana,le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa,empa ha le lleleho timetswa ha Josefa.