Amose 5:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Batlang Morena, le tle le phele,esere a ikakgelakahara ntlo ya Josefa,a ikakgela sa mollo o tjhesa Bethele,o tjhesa Bethele,ho se ya ka o timang.

7. Le madimabe lona ba sothang toka,ba e sothang, ba e fetole leshokgwa.ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!

8. Ya entseng Selemela le Makolobe,a fetola lefifi a le etsa meso,a fifatsa motsheare a o etsa bosiu,a bitsa metsi a lewatlea a nesa hodima lefatshe,lebitso la hae ke Morena.

9. O dihela koduwa hodima dinatla,motse o haheleditswenga o fetole lesupi.

10. Le hloile ya lwanelang toka,a e lwanela ka makgotleng,le bile le nyedisa ya buang nnete.

11. Kaha le hatakela mofutsana,le mo qobelle ho le fa mabele a hae,le ke ke la dula kahara matlole a hahile,le a hahile ka majwe, le a betlile;le masimo a morara o motlele a lemme,empa le ke ke la nwa veine ya wona!

12. Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona,le boholo ba dibe tsa lonake a bo tseba:Le tuba ya lokileng,le tjotjo le e amohele,ha le ahlolele mofutsanaka toka makgotleng.

13. Mohlang oo ya bohlaleo tla ikgutsetsa,hobane mehlae tla ba e le e mahlonoko.

14. Batlang tse molemoe seng tse kgopo,e le hore le tle le phele;ke moo MorenaModimo wa mabotho,a tla ba le lona jwalokaha le bolela.

15. Hloyang bokgopo,le rate tse molemo,ka makgotleng le ahlole ka toka,mohlomong Morena,Morena Modimo wa mabotho,a ka hauhela masalla a Josefa.

16. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena:“Ho tla utlwahala dibokoditseleng kahohle,le dillo tsa mahlomolamabaleng wohle a motse.Balemi ba tla memelwa ho tla lla,ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle.

Amose 5