4. Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re:“Mpatleng, le tle le phele.
5. Le se mpatle Bethele,le Gilegale le se kene,leha e le ho fetela Beeresheba,hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe,Bethele yona e fetohe nanaola.”
6. Batlang Morena, le tle le phele,esere a ikakgelakahara ntlo ya Josefa,a ikakgela sa mollo o tjhesa Bethele,o tjhesa Bethele,ho se ya ka o timang.
7. Le madimabe lona ba sothang toka,ba e sothang, ba e fetole leshokgwa.ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!
8. Ya entseng Selemela le Makolobe,a fetola lefifi a le etsa meso,a fifatsa motsheare a o etsa bosiu,a bitsa metsi a lewatlea a nesa hodima lefatshe,lebitso la hae ke Morena.
9. O dihela koduwa hodima dinatla,motse o haheleditswenga o fetole lesupi.
10. Le hloile ya lwanelang toka,a e lwanela ka makgotleng,le bile le nyedisa ya buang nnete.
11. Kaha le hatakela mofutsana,le mo qobelle ho le fa mabele a hae,le ke ke la dula kahara matlole a hahile,le a hahile ka majwe, le a betlile;le masimo a morara o motlele a lemme,empa le ke ke la nwa veine ya wona!
12. Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona,le boholo ba dibe tsa lonake a bo tseba:Le tuba ya lokileng,le tjotjo le e amohele,ha le ahlolele mofutsanaka toka makgotleng.
13. Mohlang oo ya bohlaleo tla ikgutsetsa,hobane mehlae tla ba e le e mahlonoko.
14. Batlang tse molemoe seng tse kgopo,e le hore le tle le phele;ke moo MorenaModimo wa mabotho,a tla ba le lona jwalokaha le bolela.
15. Hloyang bokgopo,le rate tse molemo,ka makgotleng le ahlole ka toka,mohlomong Morena,Morena Modimo wa mabotho,a ka hauhela masalla a Josefa.
16. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena:“Ho tla utlwahala dibokoditseleng kahohle,le dillo tsa mahlomolamabaleng wohle a motse.Balemi ba tla memelwa ho tla lla,ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle.
17. Masimong wohle a moraraho tla lluwa,hoba ke tla feta kahara lona,”ho rialo Morena.
18. Ho madimabe lonaba hlolohetsweng tsatsi la Morena!Ke hobanengle hlolohetsweng tsatsi la Morena?Tsatsi leo e tla ba la lefifi,ha e na ho ba tsatsi la lesedi!
19. Ho tla ba jwalokaha mothoa baleha tau,ere a e baleha a kgahlane le bere;kapa jwalokaha a kena ka tlung,ere a phopholetsa lebotenga longwe ke noha.