18. Ho madimabe lonaba hlolohetsweng tsatsi la Morena!Ke hobanengle hlolohetsweng tsatsi la Morena?Tsatsi leo e tla ba la lefifi,ha e na ho ba tsatsi la lesedi!
19. Ho tla ba jwalokaha mothoa baleha tau,ere a e baleha a kgahlane le bere;kapa jwalokaha a kena ka tlung,ere a phopholetsa lebotenga longwe ke noha.
20. Na tsatsi la Morenaha e tlo ba la lefifi,la lefifi le letsho, la bo-nka-ntjana?
21. “Mekete ya lona ya borapedike e hloile, ke bile ke a e nyonya;le phutheho tsa lonaha ke di thabele.
22. Leha le ka nketsetsadinyehelo tsa setjheso,la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo,tsena nke ke be ka di amohela.Leha le ka nketsetsadinyehelo tsa teboho,la nketsetsa tsonaka dinonneng tsa lona,le tsona nke ke be ka di tadima.
23. Lerata la dipina tsa lona le ke le fele!Mmino wa harepa tsa lona o a ntena!
24. Empa toka e ke e phalle,e phalle jwaloka noka,ho loka ho ke ho bejwaloka molatswana,ho ke molatswanao phallang kamehla.
25. “Lona ba ntlo ya Iseraele,na le nnyeheletse ka tse hlabilweng,la nketsetsa le tsona dinyeheloka lemo tse mashome a mane,la di etsa lehwatateng?
26. Le ile la jara Sikute, kgosi ya lona,le Kiune, modingwana wa lona,le modingwana wa lona wa dinaledi,e leng eo le iketseditseng yona.