14. Batlang tse molemoe seng tse kgopo,e le hore le tle le phele;ke moo MorenaModimo wa mabotho,a tla ba le lona jwalokaha le bolela.
15. Hloyang bokgopo,le rate tse molemo,ka makgotleng le ahlole ka toka,mohlomong Morena,Morena Modimo wa mabotho,a ka hauhela masalla a Josefa.
16. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena:“Ho tla utlwahala dibokoditseleng kahohle,le dillo tsa mahlomolamabaleng wohle a motse.Balemi ba tla memelwa ho tla lla,ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle.
17. Masimong wohle a moraraho tla lluwa,hoba ke tla feta kahara lona,”ho rialo Morena.
18. Ho madimabe lonaba hlolohetsweng tsatsi la Morena!Ke hobanengle hlolohetsweng tsatsi la Morena?Tsatsi leo e tla ba la lefifi,ha e na ho ba tsatsi la lesedi!
19. Ho tla ba jwalokaha mothoa baleha tau,ere a e baleha a kgahlane le bere;kapa jwalokaha a kena ka tlung,ere a phopholetsa lebotenga longwe ke noha.