Amose 5:12-16 BIBELE (SSO89SO)

12. Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona,le boholo ba dibe tsa lonake a bo tseba:Le tuba ya lokileng,le tjotjo le e amohele,ha le ahlolele mofutsanaka toka makgotleng.

13. Mohlang oo ya bohlaleo tla ikgutsetsa,hobane mehlae tla ba e le e mahlonoko.

14. Batlang tse molemoe seng tse kgopo,e le hore le tle le phele;ke moo MorenaModimo wa mabotho,a tla ba le lona jwalokaha le bolela.

15. Hloyang bokgopo,le rate tse molemo,ka makgotleng le ahlole ka toka,mohlomong Morena,Morena Modimo wa mabotho,a ka hauhela masalla a Josefa.

16. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena:“Ho tla utlwahala dibokoditseleng kahohle,le dillo tsa mahlomolamabaleng wohle a motse.Balemi ba tla memelwa ho tla lla,ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle.

Amose 5