1. Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta:
2. “Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe,ke lona feela ke ileng ka le kgetha;ka baka leo, ke tla le otla,ke le otlele makgopo a lona,makgopo a lona kaofela.”
3. Na ba babediba ka tsamaisana tselaba sa ka ba dumellana ho etsa jwalo?
4. Na tau e ka puruma hara moru,ya puruma e sa bolaya nyamatsane?Na tawana e ka roraka selaong sa yona,ya rora ho se seo e se tshwereng?
5. Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba,la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho?Na sefi se ka raha mokgwephetsane,ho se lethole thetsitseng mokgwephetsane?
6. Ha lenaka le palaola hara motsena setjhaba ha se ke se thothomela?Ha koduwa e wela motse hodimo,na hase Morenaya tlisitseng koduwa eo?