Amose 3:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta:

2. “Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe,ke lona feela ke ileng ka le kgetha;ka baka leo, ke tla le otla,ke le otlele makgopo a lona,makgopo a lona kaofela.”

3. Na ba babediba ka tsamaisana tselaba sa ka ba dumellana ho etsa jwalo?

4. Na tau e ka puruma hara moru,ya puruma e sa bolaya nyamatsane?Na tawana e ka roraka selaong sa yona,ya rora ho se seo e se tshwereng?

5. Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba,la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho?Na sefi se ka raha mokgwephetsane,ho se lethole thetsitseng mokgwephetsane?

6. Ha lenaka le palaola hara motsena setjhaba ha se ke se thothomela?Ha koduwa e wela motse hodimo,na hase Morenaya tlisitseng koduwa eo?

7. Ruri Morena Modimoha a ke a etsa lethoa eso senole morero wa hae,a o senolela bahlanka ba hae,bahlanka ba hae, baporofeta.

8. Jwale tau e se e purumile;ya ke keng a tshoha ke mang?Morena Modimo o se a buile;ya ke keng a porofeta ke mang.

9. Hlabang mokgosi,le o hlabele matlo a dikwele,dikwele tsa Ashedode,le o hlabele le a Egepeta, le re:“Phuthehelang dithabeng,thabeng tsa Samaria,le bone meferefere e kahara motse,le bone kgatelloe hara baahi ba wona.

10. “Ba bokellang qhoqha,ba bokelle kgapo,ba e bokelle ka matlunga dikwele tsa bona,ha ba tsebeho etsa ho nepahetseng,”ho rialo Morena.

Amose 3