Amose 2:9-15 BIBELE (SSO89SO)

9. Ke ne ke timetse Baamoreba le thibetse tsela,leha ba ne ba le balelele,ba le balelele sa dikedare,ba le matla sa difate tsa dieike.Tholwana tsa bona ka di fedisa,le metso ya bona ka e fothola.

10. Ke ne ke le ntshe,ka le ntsha naheng ya Egepeta,ka le ntsha,ka le tsamaisa lehwatateng,ka le tsamaisaka lemo tse mashome a mane,ho ya le nea naha ya Baamore.

11. Hara bara ba lonaka hlahisa baporofeta,hara bahlankana ba lonaka hlahisa bakgethwa.Na ha ho jwalo,lona tjhaba sa Iseraele?”ho rialo Morena.

12. “Empa bakgethwale ba nwesitse veine,la ba la hanela baporofeta,la ba hanela ho porofeta.

13. “Bonang, ke tla le ripitla,ke le pidilesa koloi e qeqeketse haholo.

14. Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha,matla a diqhobane a ke ke a di thusa,le mohlabani a ke ke a ipholosa.

15. Ya fulang ka motsu a ke ke a ema,mohlabani ya lebeloa ke ke a phonyoha,le mopalami a ke ke a ipholosa.

Amose 2